Nu se pretează? Nu contează! La noi puteți returna bunurile în 30 de zile
Cu un voucher cadou nu veți da greș. În schimbul voucherului, destinatarul își poate alege orice din oferta noastră.
30 de zile pentru retur bunuri
Bukana ea MEJAMETALANA e fana, ka totobalo, botlalo ba liketsahalo tse etelletseng motheo oa MASERU, ho ba motse-moholo oa LESOTHO la kajeno. E thoholisa likamano tsa baahi ba motse, mehleng ea puso ea balichaba. Ka hona e leka ho hlabolla sesosa sa lipherekano tse tetebelitseng sechaba sa BASOTHO, se neng se hlonepheha har a meloko ea Afrika-Boroa. Bukana e ngotsoe ka SESOTHO, se senang motsoako, ke moahi oa khale oa Thibella, ea tsebileng Maseru joaloka seatla sa letsoho. O hahlautse linaheng tse ngata tsa Afrika, tsa Europa le tsa Amerika, moo a ithutileng maphelo a mehlobo emeng. Bukana ena e lokela barutoana ba likolo le babali ba thabelang puo ea Sesotho. Ba ratang ho utloisisa mojaro o imetseng Lesotho ho itokolla bofumeng, ba tla thonaka mabaka a entseng Lesotho khamelo e lutlang, leha matla a Basotho a thusitse ho nontsá naha ea Afrika-Boroa.